RSL E NEHELANA KA MPHOHALI EA MOAHO HO SESOLE

Setsi sa Pokello ea Lekhetho Lesotho (RSL) se nehelane ka mpho ea moaho oa matloana a boitlhoekiso ho Sesole sa Lesotho Boema-fofane ba Sesole ba Meja-Metalana ka la 25 Tlhakubele 2025.
 
Moaho ona ke oa liphaposi tsa ho hlapela tse leshome le metso e ‘meli (12), matloana a robeli  le liphaposi tsa ho apara tse nang le polokelo ea thepa tse peli (02).
 
Molaoli oa Sesole sa Lesotho Lieutenant General (Lt Gen) Mojalefa Letsoela o lebohile RSL ka ho etsa letsoho-la-monna ho Sesole sa Lesotho hore ebe ba amohela seemahale seo. O boetse a leboha Lefapha la Taolo ea metsi le likhoere-khoere (WASCO) ka ho kenya letsoho katlehisong ea mosebetsi oo o makhethe. Lt Gen Letsoela o hlalositse ha thepa eo e le ea sechaba ’me a tsepisa RSL hore Sesole se tla nka boikarabello ba hore thepa eo e ea hlokomeloa le ho e sireletsa hore e se sebelisoe hampe.
 
Ha a amohela mpho ena Molaoli oa Lefapha la Bofofisi la Sesole sa Lesotho, Brigadier General (Brig Gen) Daemane Matamane o lebohile Bookameli ba RSL ka hore ba ile ba utloa sello sa bona e le Sesole ’me ba se araba. A eketsa ka hore moaho ona e ne e le tlhoko ho bona ka ha ho ne ho se na sebaka sa boitlhoekiso ka mor’a lipapali.
Brig Gen Matamane o hlalositse ha morero ona o ne o reretsoe ho nka likhoeli tse tšeletseng empa ka lebaka la liqholotso, morero o nkile likhoeli tse leshome le motso o le mong.
Ho sa le joalo, Mookameli-kakaretso (Commissioner General) oa RSL Mofumahali Mathabo Mokoko, o hlalositse ha ba le motlotlo e le RSL ho nehelana ka moaho ona ho Sesole sa Lesotho, ’me ba ananela bohlokoa ba tšebelisano ’moho le kopanelo ea maano ho fihlela likatleho tsa Litsi tsena ka bobeli le hore basebetsi ba tsona ba be le boiketlo ho kenyeletsa le sechaba ka kakaretso.
 
Mofumahali Mokoko o lebohile Sesole sa Lesotho ka ho ba le tšebelisano ’moho le bona hore ba ntlafatse mabala sebakeng sa bana ba Basotho, ka hoo o ipilelitse ho mafapha a mang ho tšoarana ka matsoho ho ntlafatsa boiketlo ba sechaba.
“Ha Litsi tsa ’Muso li sebetsa ’moho, li tšoarane ka matsoho le ho shebela litaba ’moho, naha ka bophara e khola litholoana tse molemo”, ho rialo Mofumahali Mokoko a lihela-likhala.
     
Litaba ka Intern Koali