QUEEN ’MAMOHATO E LEBOHA MOLAOLI OA SESOLE

Sesole sa Lesotho ka Lefapha la Lenane la Ntšetso-pele ea Bacha, se ile sa tšoarela baokameli ba Sepetlele sa Sehopotso sa Mofumahali ’Mamohato (Queen ’Mamohato Memoria Hospital), thupelo ea Tlhabollo ho tloha ka la 19 ho isa la 21 Hlakola 2025, Sepetleleng sa Sesole Makoanyane. Sepheo e ne e le ho tsosolosa basebetsi bao molota le ho ba ruta ka boetapele.
 
Ha a bua tšebeletsong ea ho koala koetliso eo, Major General (Maj Gen) Ramanka Mokaloba,
 o bontšitse ha basebetsi ba sepetlele seo ba lokela ho ba le se ikhethang, a re baokameli bao ba lokela ho eletsa basebetsi hore ba fetohe molemong oa litsebeletso tse ntle Sechabeng. A boela a ba eletsa hore ba fane ka litaelo tsa mosebetsi ka boitelo le hlompho ka linako tsohle.
Ka lehlakoreng le leng, Maj Gen Khomo Mohobo o hlalositse a le motlotlo hore e be o nkile karolo thupelong eo, ’me o eleletsoe sefutho le thahasello eo bao ba bileng le tsona boleleleng ba thupelo.
 
“Ke le khotše moea ka moo ke boneng boitelo ba lona, le thahasello ea ho tseba nakong ea thupelo, ’me ke re pele-ea-pele”, ho bolela Maj Gen Mohobo.
Maj Gen Mohobo a tsoela-pele a eletsa basebetsi bao, hore ha e le moo ba se ba hlomeletsoe ka tsebo, ba eo jala tsebo eo ba e kotutseng thupelong ho bo mphato-oa-bona, ba sa nkang karolo thupelong e le hore e tle e anele. A boela a leboha Bookameli ba Sepetlele sa Sehopotso sa Mofumahali ’Mamohato, ha ba ile ba tšepela Sesole sa Lesotho ho ba tšoarela thupelo joaloka ha e le Tšepo ea Sechaba.
 
Mohokahanyi oa koetliso ea Lenane lena, Lieutenant Colonel (Lt Col) Bokang Melato o hlalositse ha ba sebelitse hantle nakong ea thupelo. A leboha bohle ba kentseng letsoho hore thupelo eo e tsoele-pele ka katleho. Lt Col Melato o boetsa a hlalosa ha tsohle li tsamaile hantle ho fihlela taba-tabelo ea litaelo tsa Bolaoli.
Lebitsong la Bookameli ba Sepetlele, Mofumahali Moleboheng Tau, o lebohile Molaoli oa Sesole ka ho lumella hore thupelo eo e etsahale. A hlalosa ha ba ilo etsa tsohle tseo ba li rutiloeng ha ba fihla mosebetsing oa bona.
 
Ha a tlatseletsa, Mofumahali Catherine Lebina, e le karolo ea Bookameli ba Sepetlele sa Sehopotso sa Mofumahali ’Mamohato, le eena a boela a fetisa liteboho ho Molaoli oa Sesole sa Lesotho ka ha thupelo eo ba e fuoeng ea boetapele e tla ba thusa haholo mosebetsing oa letsatsi le letsatsi.
 
“Boetapele ha se mosebetsi o bobebe, re ithutile hore ho ipopa ngatana-ngoe le ho tsepamisa maikutlo mosebetsing oa rona ho bohlokoa haholo,” ho bolela Mofumahali Lebina.
Ha a phethela litaba tsa hae, Mofumahali Lebina o supile ha ba lakatsa hore ba ka ba le lithupelo tse ngata tse kang ena e le ho holisa tsebo ea bona bosebeletsing ba sechaba.
Litaba le litšoantšo ka Pvt Raphoolo